Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Matheu 26:27, 28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Hape, a nka senwelo se tshetseng veine, a leboha Modimo, a ba fa sona a re: “Nkang le nwe kaofela ha lona+ 28 ka ha veine ena e emela madi+ a ka e leng ‘madi a selekane,’+ a tlang ho tshollwa molemong wa ba bangata+ hore ba tshwarelwe dibe.+

  • Luka 22:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ka mora hore ba je dijo tsa shwalane, a nka senwelo sa veine yaba o etsa ntho e tshwanang o re: “Veine ena e emela selekane se setjha+ se tla tiiswa ka madi a ka+ a tla tshollwa molemong wa lona.+

  • 1 Bakorinthe 11:25
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 O ile a etsa se tshwanang ka senwelo+ sa veine ka mora hore ba je dijo tsa shwalane yaba o re: “Veine ena e emela selekane se setjha+ se tla tiiswa ka madi+ a ka a tla tshollwa molemong wa lona. Nako le nako ha le e nwa, le nne le etse tjena ho nkgopola.”+

  • Baheberu 8:8-12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Etswe Modimo o ile a bua mantswe a bontshang hore setjhaba se ne se ena le phoso, a re: “‘Matsatsi a a tla ao ka ona ke tla etsa selekane se setjha le ba ntlo ya Iseraele le ba ntlo ya Juda,’ ke Jehova ya tjhong.* 9 ‘Se ke ke sa tshwana le selekane seo ke ileng ka se etsa le baholoholo ba bona letsatsing leo ke neng ke ba tshwere ka letsoho ho ba ntsha naheng ya Egepeta+ hobane ha ba a ka ba tshepahalla selekane seo yaba ke kgaotsa ho ba hlokomela,’ ke Jehova ya tjhong.*

      10 ‘Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele ka mora matsatsi ao ke sena: Ke tla kenya molao wa ka ka dikelellong tsa bona, ke o ngole dipelong tsa bona.+ Ke tla ba Modimo wa bona mme bona e tla ba batho ba ka,’+ ke Jehova ya tjhong.*

      11 ‘Ba ke ke ba hlola ba ruta baahisani ba bona le bana ba bo bona ba re: “Tsebang Jehova”* hobane kaofela ba tla ntseba, ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui. 12 Ke tla ba tshwarela diphoso tsa bona mme ha ke sa tla hlola ke hopola dibe tsa bona.’”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela