Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Nehemia 12:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Ha marako a Jerusalema a ne a bulwa ka molao, ba ile ba batlana le Balevi dibakeng tsohle tseo ba neng ba dula ho tsona mme ba ba tlisa Jerusalema hore ba tlo keteka le bona ba thabile ka dipina tsa diteboho+ le ka disimbala, diletsa tse dikgwele le ka diharepa.

  • Esaia 44:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Ke nna ya reng ka Saeruse,+ ‘Ke modisa wa ka,

      O tla phetha thato ya ka ka botlalo.’+

      Ke nna ya reng ka Jerusalema, ‘E tla tsosoloswa’

      Le ka tempele, ‘Motheo wa hao o tla ralwa.’”+

  • Jeremia 30:18
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Jehova o re:

      “Ke tla lata bana ba Jakobo ba hapuweng,+

      Ke ba hauhele mme ke lokise moo ba dulang.

      Motse o tla boela o hahwe moo o neng o hahilwe pele,+

      Ntlo ya boreneng e tla ema moo ho loketseng.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela