12 Eya ka leboya mme o phatlalatse mantswe ana o re:+
‘Jehova o re: “Kgutla, wena Iseraele wa mokwenehi.+ Nke ke ka o halefela*+ hobane ke a tshepahala,” ke Jehova ya tjhong. “Nke ke ka dula ke o halefetse ho ya ho ile.
37 Jehova o re: “‘Feela jwalo ka ha mahodimo a ke ke a methwa le metheo ya lefatshe e ke ke ya tsejwa hantle, nke ke ka lahla bana bohle ba Iseraele ho sa tsotellehe dintho tsohle tseo ba di entseng,’ ke Jehova ya tjhong.”+
40 Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona,+ sa hore nke ke ka tlohela ho ba etsa hantle.+ Ke tla etsa hore ba ntlhomphe e le hore ba se ke ba mphuralla.+