3 Ke tla halefela motho eo, ke mo bolaye hara setjhaba sa habo hobane o fane ka bana ba bang ba hae ho Moloke mme o silafaditse sebaka sa ka se halalelang+ ebile o hlomphollotse lebitso la ka le halalelang.
7 O ile a beha setshwantsho se betlilweng sa palo e halalelang*+ seo a neng a se entse ka tlung eo ka yona Jehova a ileng a re ho Davida le ho mora wa hae Solomone: “Ke tla beha lebitso la ka ka ho sa feleng ka tlung ena le Jerusalema eo ke e kgethileng malokong ohle a Iseraele.+
14 Setjhaba le balaodi bohle ba baprista ba ne ba sa tshepahale, ba etsa dintho tsohle tse nyonyehang tse neng di etswa ke ditjhaba tse ding. Ba silafatsa ntlo ya Jehova+ eo a neng a e hlwekisitse Jerusalema.