Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Jeremia 6:13, 14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 “Ho tloha ho mofutsana ho ya ho morui, e mong le e mong o ithuisa ka bolotsana.+

      Ho tloha ho moprofeta ho ya ho moprista, kaofela ba etsa bobodu.+

      14 Ba leka ho fodisa setjhaba sa ka se sithabetseng ka hore feela ba re:

      ‘Kgotso e teng! Kgotso e teng!’

      Empa kgotso e le siyo.+

  • Jeremia 28:1-4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Selemong sona seo, qalong ya puso ya Morena Tsedekia+ wa Juda, ka selemo sa bone kgweding ya bohlano, moprofeta Hanania mora wa Azure, ya tswang Gibeone+ a re ho Jeremia ka tlung ya Jehova ka pela baprista le setjhaba sohle: 2 “Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele o re: ‘Ke tla roba joko ya morena wa Babilona.+ 3 Pele dilemo tse pedi di fela, ke tla kgutlisetsa disebediswa tsohle tsa ntlo ya Jehova mona, disebediswa tseo Morena Nebukadnezare wa Babilona a di nkileng mona a di isa Babilona.+ 4 Ke tla lata Jekonia+ mora wa Jojakime,+ morena wa Juda le Bajuda bohle ba hapuweng ba ileng Babilona,+ ke ba kgutlisetse mona hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona,’ ke Jehova ya tjhong.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela