LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Levitike 17:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 Ka hoo, ba se ke ba hlola ba etsa mahlabelo bakeng sa bademona ba kang dipodi,*+ bao ba etsang botekatse* le bona ka ho ba rapela.+ Ena ke taelo e tla dula e le teng bakeng sa lona le melokong yohle ya lona.”’

  • Deuteronoma 29:16, 17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 16 (Ka ha le tseba hantle ka moo re neng re phela ka teng naheng ya Egepeta le ka moo re ileng ra feta hara ditjhaba tse ngata ka teng ha re ne re le tseleng.+ 17 Le ne le tlwaetse ho bona dintho tsa tsona tse nyonyehang e leng ditshwantsho tsa tsona tse rapelwang tse nyonyehang*+ tse entsweng ka patsi le lejwe, silevera le kgauta, tseo di neng di le hara tsona.)

  • Joshua 24:14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 14 Ka hoo, tshabang Jehova le mo sebeletse ka botshepehi* le ka nnete+ mme le tlose medimo eo baholoholo ba lona ba neng ba e sebeletsa Egepeta le ka lehlakoreng le leng la Noka*+ mme le sebeletse Jehova.

  • Ezekiele 20:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Empa ba ile ba mphetohela yaba ha ba mmamele. Ha ba a ka ba lahla dintho tse nyonyehang tseo ba neng ba ena le tsona le ho kgaotsa ho rapela ditshwantsho tse nyonyehang tsa Egepeta.+ Ke ile ka ba bolella hore ke tla ba halefela mme ke ntshetse bohale ba ka bohle ho bona ha ba le naheng ya Egepeta.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share