LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 3:18-23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Ka letsatsi leo, Jehova o tla tlosa mekgabiso ya bona ya matsohong,

      E rwalwang hloohong le e bopehileng jwalo ka kgwedi,+

      19 Masale, difaha tsa matsohong le masira,

      20 Dintho tse rwalwang hloohong, difaha tsa maotong le mabanta a ho ikgabisa*

      Le dibotlolo tse tshelang dioli tse nkgang ha monate le dirwala,*

      21 Masale a monwana le masale a nko,

      22 Diaparo tse telele tse hlomphehang, diaparo tse kang mese, diaparo tsa ka hodimo le dipatjhe,

      23 Diipone tsa letsoho+ le diaparo tsa line,*

      Dituku le masira.

  • Jeremia 4:30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 30 Ka ha jwale o tlatlapuwe, o tla etsang?

      O ne o tlwaetse ho apara diaparo tse kgubedu,

      O ikgabisa ka mekgabiso ya kgauta,

      O tlotsa mahlo a hao ka setlolo se setsho hore a bonahale a le maholo.

      Empa o ikentse botle mahala+

      Ka ha ba o batlang ba o lahlile.

      Hona jwale ba batla ho o bolaya.+

  • Ezekiele 16:39
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 39 Ke tla nehelana ka wena ho bona mme ba tla diha dibaka tsa hao tse phahameng.+ Ba tla o hlobodisa diaparo tsa hao,+ ba nke mabenyane* a hao a matle+ ba be ba o siye o hlobotse.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share