-
Ezekiele 16:36, 37Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
36 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ka ha o bontshitse hore o na le takatso e feteletseng ya ho etsa thobalano ebile batho ba o bone o sa apara nakong eo o neng o etsa botekatse le batho bao o neng o ba rata, ha mmoho le medimo ya ditshwantsho e nyonyehang*+ eo o ileng wa e etsetsa mahlabelo ka madi a bara ba hao,+ 37 ke bokella batho bohle bao o neng o ba rata, bao o kileng wa etsa botekatse le bona le batho bohle bao o ba hloileng. Ke tla ba bokella ho tswa dibakeng tsohle hore ba o lwantshe ke be ke etse hore ba o bone o sa apara letho.+
-