Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Daniele 1:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Modimo wa nnete a fa batjha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokgoni ba ho utlwisisa dintho tsohle tse ngotsweng. Daniele yena o ile a fuwa bokgoni ba ho utlwisisa mefuta yohle ya dipono le ditoro.+

  • Daniele 1:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Ha morena a ba botsa ka ditaba tse hlokang bohlale le kutlwisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le dinohe+ tse pusong ka makgetlo a leshome.

  • Daniele 5:11, 12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 11 Mmusong wa hao ho na le monna ya nang le moya wa medimo e halalelang. Mehleng ya ntate wa hao, ho ile ha fumanwa hore monna enwa o na le tsebo le temoho ebile o bohlale jwalo ka medimo.+ Ntate wa hao e leng Morena Nebukadnezare o ile a mo kgetha hore e be mookamedi wa baprista ba maselamose, dinohe, Bakalde* le balepi ba dinaledi.+ Morena, ntate wa hao o ile a etsa sena. 12 Daniele, eo morena a neng a mo rehile Beltsatsare,+ o ne a le bohlale ka tsela e hlollang, a ena le tsebo le temoho ya ho hlalosa ditoro le dilotho a bile a tseba ho rarolla mathata a rarahaneng.*+ Ere Daniele a bitswe mme o tla o hlalosetsa mongolo oo.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela