-
2 Dikronike 26:9, 10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Uzia a boela a haha a ba a tiisa ditora+ Jerusalema Keiting e Khoneng,+ Keiting ya Kgohlo+ le Setshehetsong. 10 Hape a haha ditora+ lefeelleng, a ba a tjheka didiba tse ngata hobane o ne a ena le diphoofolo tse ngata. A etsa se tshwanang Shefela le sebakeng se phahameng.* Ka ha o ne a rata temo, o ne a ena le balemi ba masimo le ba difate tsa morara dithabeng le Karmele.
-