LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 18:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Ha Morena Ezekiase a ena le dilemo tse 14 a busa, Sankeribe morena wa Asiria+ a hlasela metse yohle ya Juda e sireleditsweng ka thata mme a e hapa.+

  • 2 Dikronike 36:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 A etsa hore morena wa Bakalde a ba hlasele+ a be a bolaye bahlankana ba bona ka sabole+ ka sehalalelong.+ Ha a ka a qenehela mohlankana kapa morwetsana, ya tsofetseng kapa ya kulang.+ Modimo a etsa hore a fedise dintho tsohle.+

  • 2 Dikronike 36:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 A tjhesa ntlo ya Modimo wa nnete,+ a diha lerako la Jerusalema,+ a tjhesa ditora tsohle tsa yona tse sireletsehileng mme a senya dintho tsohle tsa bohlokwa.+

  • Jeremia 17:27
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 27 Empa haeba le sa mmamele ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha le halalela mme le jara dithoto le ho kena ka tsona dikeiting tsa Jerusalema ka letsatsi la Sabatha, ke tla hotetsa dikeiti tsa yona ka mollo. Ruri mollo o tla tjhesa ditora tsa Jerusalema tse tiileng+ mme o ke ke wa tima.’”+

  • Jeremia 34:7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 7 E ne e le ha masole a morena wa Babilona a ne a lwantsha Jerusalema le metse yohle ya Juda e setseng,+ a lwantsha Lakishe+ le Azeka.+ E ne e le yona feela metse ya Juda e neng e sireleditswe ka thata e sa kang ya haptjwa.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share