LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Deuteronoma 28:49, 50
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 49 Jehova o tla romela setjhaba se tswang hole,+ se tswang qetellong ya lefatshe hore se le hlasele, se tla le fofela jwalo ka ntsu,+ setjhaba seo le ke keng la utlwisisa puo ya sona,+ 50 setjhaba se bohale se ke keng sa qenehela motho ya tsofetseng kapa e motjha.+

  • 2 Marena 15:29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Ha Morena Peka wa Iseraele a ntse a busa, Morena Tiglathe-pilesere+ wa Asiria a ya Iseraele mme a hapa Ijone, Abele-bethe-maaka,+ Janowa, Kedeshe,+ Hazore, Gileade+ le Galilea e leng naha yohle ya Nefthali.+ O ile a nka le baahi bohle ba yona a ba isa botlamuweng Asiria.+

  • 2 Marena 17:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 6 Ha Hoshea a ena le dilemo tse robong a busa, morena wa Asiria a hapa Samaria.+ A isa Baiseraele botlamuweng+ Asiria mme a re ba dule Hala, Habore nokeng ya Gozane+ le metseng ya Bamede.+

  • Esaia 7:20
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 20 Letsatsing leo, Jehova o tla le beola dihlooho le mohwete o maotong, a be a kute le ditedu tsa lona ka lehare le hirilweng le tswang sebakeng sa Noka* e leng morena wa Asiria.+

  • Esaia 8:4
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Le pele moshanyana eo a tseba ho re, ‘Ntate!’ le ho re, ‘Mme!’ maruo a Damaseka le thepa e hapuweng Samaria di tla iswa ka pela morena wa Asiria.”+

  • Esaia 10:5, 6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  5 O re: “Bonang Moasiria,+

      Ke molamu oo ke o sebedisang ho ntsha bohale ba ka,+

      Ke sebedisa lere le matsohong a hae ho fana ka kotlo.

       6 Ke tla mo romela hore a lwantshe setjhaba sa bakwenehi,+

      A hlasele batho ba nkgalefisitseng.

      Ke tla mo laela hore a ba tlatlape, a hape thepa ya bona e ngata,

      A ba hatakele jwalo ka seretse diterateng.+

  • Hosea 10:6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    •  6 Setshwantsho seo se tla tliswa Asiria e le mpho ya morena e moholo.+

      Efraime e tla hlajwa ke dihlong

      Le Iseraele e tla hlajwa ke dihlong ka lebaka la keletso eo e e latetseng.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share