-
Esaia 65:21, 22Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Batho ba tla haha matlo mme ba dule ho ona,+
Ba tla lema dirapa tsa morara mme ba je ditholwana tsa tsona.+
22 Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o dula ho ona,
Ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.
Matsatsi a setjhaba sa ka a tla ba jwalo ka matsatsi a sefate.+
Setjhaba sa ka se tla thabela mosebetsi oo se o etsang.
-
-
Ezekiele 28:25, 26Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
25 Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: “Ke tla halaletswa hara Baiseraele ka pela ditjhaba+ ha ke ba bokella hape ho tswa ditjhabeng tseo ba neng ba hasantswe ho tsona.+ Ba tla dula naheng ya bona+ eo ke e fileng mohlanka wa ka Jakobo.+ 26 Ba tla dula ba sireletsehile ho yona,+ ba hahe matlo ba be ba leme dirapa tsa morara.+ Ba tla phela ka kgotso ha ke ahlola ditjhaba tse ba potolohileng tse ba somang.+ Ba tla tseba hore ke nna Jehova Modimo wa bona.”’”
-