-
Esaia 60:21Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
21 Batho ba hao kaofela e tla ba ba lokileng.
Ba tla rua naha ho ya ho ile.
-
-
Ezekiele 34:27, 28Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
27 Difate di tla beha ditholwana, mobu o hlahise dijo+ le batho ba ka ba dule ba sireletsehile naheng. Ba tla tseba hore ke nna Jehova ha ke roba joko ya bona+ mme ke ba pholosa ho batho ba ba entseng makgoba. 28 Ha ba sa tla hlola ba hlaselwa ke ditjhaba, le dibata tsa naha di ke ke tsa ba bolaya. Ba tla dula ba sireletsehile ho se na motho ya ba tshosang.+
-