-
2 Marena 15:32-34Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Ha Peka mora wa Remalia morena wa Iseraele a ena le dilemo tse pedi a busa, Jothame+ mora wa Morena Uzia+ wa Juda ya eba morena. 33 O ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jerusha moradi wa Tsadoke.+ 34 Jothame o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Uzia.+
-
-
2 Dikronike 27:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
27 Jothame+ o ne a le dilemo di 25 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 16. Lebitso la mme wa hae e ne e le Jerusha moradi wa Tsadoke.+ 2 Jothame o ne a etsa dintho tse thabisang Jehova jwalo ka ntate wa hae Uzia+ empa yena ha a ka a kena ka tempeleng ya Jehova a sa tshwanela.+ Batho ba ne ba ntse ba etsa dintho tse mpe.
-