-
Esaia 49:19, 20Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
19 Le hoja dibaka tsa hao di ne di ripitlilwe le naha ya hao e le dithako,+
Hona jwale e tla ba nyenyane haholo bakeng sa ba dulang moo.+
Ba ileng ba o ripitla*+ ba tla ba hole.+
20 Bana ba hlahileng ka mora hore o shwelwe ke bana ba tla re moo o ntseng o utlwa:
‘Sebaka sena se senyenyane haholo bakeng sa rona.
Re fe sebaka e le hore re dule mona.’+
-
-
Esaia 54:1, 2Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
54 Jehova o re: “Hweletsa ka thabo, wena mosadi ya sa kang a ba le bana.+
Thaba, o hweletse o nyakaletse,+ wena ya sa kang a ba le mahlaba a pelehi+
Hobane bara* ba mosadi ya lahlilweng ba bangata
2 Etsa hore sebaka sa tente ya hao se be seholo.+
Otlolla masela a tente a tabernakele ya hao e kgolo.
O se ke wa ithiba. Eketsa bolelele ba dithapo tsa tente ya hao,
O tiise ditshepe tsa tente ya hao.+
-