LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 2 Marena 4:42-44
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 42 Monna ya tswang Baale-shalisha+ a tlisetsa Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete dilofo tse 20 tsa bohobe ba harese+ e kotutsweng pele, a mo tlisetsa le mokotla wa harese.+ Elisha a re: “Di fe batho hore ba je.” 43 Empa mohlanka wa hae a re: “Dijo tsena di ke ke tsa lekana batho ba 100.”+ Elisha a re: “Di fe batho e le hore ba je hobane Jehova o itse ba tla ja mme ho be le tse salang.”+ 44 Mohlanka a ba fa yaba ba a ja mme ha eba le tse salang+ jwalo ka ha Jehova a ne a boletse.

  • Mareka 6:42, 43
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 42 Ka hoo, bohle ba ja ba kgora 43 mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le ditlhapi tse neng di setse.+

  • Mareka 8:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ka hoo, ba ja ba kgora yaba barutuwa ba nka dibaskete* tse supileng tse kgolo tse tletseng bohobe bo setseng.+

  • Luka 9:17
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 17 Bohle ba ja ba kgora mme barutuwa ba nka dibaskete tse 12 tse tletseng dijo tse setseng.+

  • Johanne 6:12, 13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ha ba se ba kgotshe a re ho barutuwa ba hae: “Bokellang dijo tse setseng e le hore ho se ke ha eba le letho le senyehang.” 13 Ka hoo, ba bokella dijo tse setseng ha ho ne ho jewa mahobe a mahlano a harese mme tsa tlala dibaskete tse 12.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share