-
Mareka 14:3-9Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
3 Ha a le Bethani a ntse a ja ha Simone ya neng a kile a tshwarwa ke lepera, mosadi e mong a fihla a nkile botlolo ya alabastera e tshetseng oli e turu e nkgang ha monate, e le nareda ya nnete. A pshatla molomo wa botlolo eo yaba o tshela oli hloohong ya Jesu.+ 4 Balatedi ba bang ba Jesu ba ne ba halefile haholo yaba ba a botsana ba re: “Oli ee e senyetswang? 5 E ka be e rekisitswe ka didenari* tse ka hodimo ho 300 ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana.” Ba ne ba kwatetse* mosadi eo haholo. 6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobaneng ha le mo nyahamisa? O nketseditse ntho e ntle.+ 7 Le tla dula le ena le bafutsana+ mme le ka ba thusa neng kapa neng ha le batla empa le ke ke la dula le ena le nna.+ 8 O entse seo a neng a ka se kgona, o tshetse mmele wa ka ka oli e nkgang ha monate e le ho ntokisetsa lepato esale pele.+ 9 Ka nnete ke re ho lona, kae kapa kae moo ditaba tsena tse monate tsa Mmuso wa Modimo di bolelwang teng lefatsheng lohle,+ ntho eo mosadi enwa a e entseng le yona e tla bolelwa e le hore a hopolwe ka yona.”+
-
-
Johanne 12:1-8Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
12 Matsatsi a tsheletseng pele ho Paseka, Jesu a fihla Bethani. Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung o ne a le hona teng. 2 Ba mo phehela dijo tsa mantsiboya yaba Maretha o a ba ngwathela.+ Lazaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena. 3 Maria a nka botlolo* ya oli e turu e nkgang ha monate, e le nareda ya nnete. A tlotsa maoto a Jesu ka yona yaba o mo hlakola maoto ka moriri wa hae. Ntlo ya tlala monko wa oli eo.+ 4 E mong wa barutuwa ba hae e leng Judase Iskariota+ ya neng a tlo mo rekisa* a re: 5 “Ke hobaneng ha oli ee e nkgang ha monate e ne e sa rekiswe ka didenari* tse 300 ebe tjhelete eo e fuwa bafutsana?” 6 O ne a sa tjho jwalo hobane a tshwenyehile ka bafutsana empa hobane e le leshodu. Ka ha o ne a tshwara lebokose la tjhelete, o ne a tlwaetse ho utswa tjhelete e tshelwang ka ho lona. 7 Jesu a re: “Mo tloheleng hobane ha a etsa tjena o ntokisetsa lepato.+ 8 Le tla dula le ena le bafutsana+ empa le ke ke la dula le ena le nna.”+
-