LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Mareka 14:43-47
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 43 Ha a sa ntse a bua, Judase e leng e mong wa baapostola ba 12, a fihla le letshwele le leholo la batho ba nkileng disabole le melangwana ba tswa ho baprista ba baholo, bangodi le baholo.+ 44 Jwale Judase* o ne a itse ho bona: “Eo ke tla mo suna ke yena. Le mo tshware le etse bonnete ba hore ha a balehe.” 45 A ya a tobile ho Jesu a fihla a re ho yena: “Dumela Rabi!” Yaba o a mo suna. 46 Ka hoo, ba mo tshwara. 47 E mong wa ba neng ba eme haufi a tsomula sabole ya hae yaba o kgaola tsebe ya lekgoba la moprista ya phahameng.+

  • Luka 22:47-51
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 47 Ha a sa ntse a bua, ha hlaha letshwele la batho ba eteletsweng pele ke Judase, e mong wa baapostola ba 12. A atamela Jesu yaba o a mo suna.+ 48 Empa Jesu a re ho yena: “Judase, o rekisa* Mora motho ka ho mo suna?” 49 Ha ba mo potolohileng ba bona hore na ho tla etsahalang ba re: “Morena, re ba hlathe ka sabole?” 50 Yaba e mong wa bona o se a bile a hlatha lekgoba la moprista ya phahameng ka sabole, a le kgaola tsebe e tona.+ 51 Empa Jesu a re: “Se ke wa etsa jwalo.” Yaba o tshwara tsebe ya lekgoba leo o a e fodisa.

  • Johanne 18:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Judase a tla le masole le balebedi ba tswang ho baprista ba baholo le Bafarisi ba nkile mabone le dibetsa.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share