LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Matheu 4:1-10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Moya o halalelang wa tataisetsa Jesu lefeelleng. Ha a le moo, Diabolose a mo leka.+ 2 E ne e le ka mora hore a itime dijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40 mme o ne a utlwa a lapile. 3 Diabolose+ a atamela mme a re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella majwe ana hore a fetohe mahobe.” 4 Empa Jesu a araba a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentswe le leng le le leng le tswang molomong wa Jehova.’”*+

      5 Yaba Diabolose o mo isa motseng o halalelang+ yaba o mo emisa hodima tora* ya tempele.+ 6 A re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe etswe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho wena. A tla o jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.’”+ 7 Jesu a re ho yena: “Mangolo a boetse a re: ‘O se ke wa leka Jehova* Modimo wa hao.’”+

      8 Diabolose a boela a mo isa thabeng e phahameng haholo, a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona.+ 9 A re ho yena: “Ke tla o fa dintho tsena kaofela ha o ka kgumama wa nthapela.”* 10 Jesu a re ho yena: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela+ ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+

  • Luka 4:1-13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 4 Jesu a tloha nokeng ya Jordane. O ne a tletse moya o halalelang o ileng wa mo tataisetsa lefeelleng.+ 2 Yaba o qeta matsatsi a 40 moo a sa je. Ka mora matsatsi ao, a utlwa a lapile yaba Diabolose o a tla ho tla mo leka.+ 3 Diabolose a re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, bolella lejwe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+

      5 Ka hoo, Diabolose a mo isa hodimo thabeng mme a mo bontsha mebuso yohle ya lefatshe ka nako le motsotso.+ 6 Yaba Diabolose o re ho yena: “Ke tla o fa matla a ho laola mebuso ena kaofela le kganya ya yona hobane ke ya ka+ mme nka e fa mang kapa mang eo ke batlang ho mo fa yona. 7 Jwale haeba o ka nthapela,* ke tla o fa yona kaofela.” 8 Jesu a re ho yena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+

      9 Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa hodima tora* ya tempele yaba o re ho yena: “Haeba o mora wa Modimo, itihele fatshe+ 10 etswe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho wena hore a o sireletse. 11 A tla o jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la kgoptjwa ke lejwe.’”+ 12 Jesu a re ho yena: “Ho itswe: ‘O se ke wa leka Jehova* Modimo wa hao.’”+ 13 Ha Diabolose a qetile ho mo leka, a mo tlohela yaba o emela hore monyetla o mong o hlahe.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share