-
Matheu 13:54-58Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
54 Ka mora hore a kene motseng wa habo,+ a ba ruta a le ka tlung ya bona ya thapelo* yaba batho ba a hlollwa ba re: “Monna eo o fumane bohlale boo le matla a ho etsa mehlolo ee hokae?+ 55 Na eo ha se mora wa mmetli wa mapolanka?+ Na mme wa hae ha se Maria? Na bana babo ha se Jakobo, Josefa, Simone le Judase?+ 56 Na dikgaitsedi tsa hae kaofela ha di hara rona moo? Jwale o fumane dintho tsee tsohle hokae?”+ 57 Ka hoo, ba hana ho dumela ho yena.+ Empa Jesu a re ho bona: “Moprofeta o hlomphuwa hohle ntle le ha habo le ka tlung ya hae.”+ 58 Ha a ka a etsa mehlolo e mengata moo hobane ba ne ba se na tumelo.
-