-
Matheu 14:6-12Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
6 Mohla ho ketekwang letsatsi la tswalo ya Heroda,+ moradi wa Herodiase a tantsha ka pela bona yaba Heroda o thaba haholo+ 7 hoo a ileng a ikana hore o tla mo fa eng kapa eng eo a e kopang. 8 Mme wa hae a mo susumeletsa hore a re: “Mphe hlooho ya Johanne Mokolobetsi e behilwe hodima sejana.”+ 9 Le hoja morena a ile a sarelwa, ka ha o ne a hlompha dikano tsa hae a bile a hlompha le batho ba jang le yena, a laela hore e fanwe. 10 Ka hoo, a roma lesole mme la kgaola Johanne hlooho a le teronkong. 11 Hlooho ya hae ya tliswa e le hodima sejana mme ya fuwa morwetsana, yena a e isa ho mme wa hae. 12 Ha morao barutuwa ba Johanne ba tla mme ba tlosa setopo sa hae, ba mo pata yaba ba ya ho Jesu ba a mo tlalehela.
-