LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Luka 4:31-37
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 31 A theohela motseng wa Galilea o bitswang Kapernauma. Ka Sabatha o ne a ruta batho+ 32 mme ba ne ba tsota tsela eo a rutang ka yona+ hobane ha a bua ho ne ho utlwahala hore o fuwe matla ke Modimo. 33 Ka tlung ya thapelo ho ne ho ena le motho ya nang le modemona yaba o a hweletsa o re:+ 34 “O batlang ho rona Jesu wa Monazaretha?+ Na o tlo re fedisa? Ke tseba hantle hore na o mang, o Mohlanka ya Halalelang wa Modimo.”+ 35 Empa Jesu a kgalemela modemona eo ka thata a re: “Thola, o tswe ho yena!” Ka hoo, modemona eo a akgela motho eo fatshe hara bona yaba o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi. 36 Batho bohle ba makala yaba ba re: “A ko utlwe feela hore na mantswe a hae a matla hakae. Le bademona ba a mo mamela ebe ba tswa ho batho.” 37 Ka hoo, ditaba tsa hae tsa nna tsa hasana dibakeng tsohle tse haufi le moo.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share