13 Etswe bohle e leng Baprofeta le Molao, ba ile ba profeta ho fihlela Johanne a fihla.+14 Ebang le a kgolwa kapa ha le kgolwe, ke yena ‘Elia ya tlang.’+
13 Le ha ho le jwalo, lengeloi la re ho yena: “Zakaria, o se ke wa tshoha hobane Modimo o utlwile thapelo ya hao. Ka hoo, mosadi wa hao Elizabetha o tla o tswalla mora mme o tla mo reha Johanne.+
17 Hape Modimo o tla mo roma hore a mo etelle pele ka moya le matla a tshwanang le a Elia.+ O tla etsa hore dipelo tsa bontate di tshwane le tsa bana,+ a thuse ba sa mameleng hore ba be bohlale mme ba etse dintho tse nepahetseng, e le hore a lokisetse Jehova* setjhaba.”+