Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • DIBOKA
  • Matheu 26:69-75
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 69 Petrose o ne a dutse ka ntle lebaleng ha ngwanana* e mong a tla ho yena a re: “Le wena o ne o tsamaya le Jesu wa Mogalilea.”+ 70 Empa a hana ka pela bona kaofela a re: “Ha ke tsebe hore na o bua kang.” 71 Ha a ya ntlong e keiting, ngwanana e mong a mo bona yaba o re ho ba teng moo: “Monna enwa o ne a ena le Jesu wa Monazaretha.”+ 72 A hlapanya a ba a hana a re: “Monna eo ha ke mo tsebe!” 73 Ka mora nakwana ba emeng moo ba tla ho Petrose ba re: “Ka nnete le wena o e mong wa bona hobane le tsela eo o buang ka yona e a o paka.” 74 A hlapanya* a re: “Motho eo ha ke mo tsebe!” Hanghang mokoko wa lla. 75 Petrose a hopola hore Jesu o ile a re: “Pele mokoko o lla, o tla be o ntatotse hararo.”+ Yaba o tswela ka ntle o lla ha bohloko.

  • Luka 22:55-62
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 55 Ba ile ba besa mollo bohareng ba lebala, ba dula fatshe yaba Petrose le yena o dula le bona.+ 56 Empa ha ngwanana* e mong a mo bona a dutse mollong, a mo shebisisa yaba o re: “Le enwa o ne a ena le yena.” 57 Empa a hana a re: “Mosadi, monna eo ha ke mo tsebe.” 58 Ka mora nakwana motho e mong a mo bona yaba o re: “Le wena o e mong wa bona.” Empa Petrose a re: “Monna heso, ha ho jwalo.”+ 59 Ka mora nako e ka etsang hora monna e mong a tiisa a re: “Ka nnete monna enwa le yena o ne a ena le yena hobane hantlentle ke Mogalilea.” 60 Empa Petrose a re: “Monna heso, ha ke tsebe hore na o bua kang.” Yare ha a sa ntse a bua, mokoko wa lla. 61 Yaba Morena o a hetla o sheba Petrose mme Petrose a hopola hore Morena o ile a re ho yena: “Pele mokoko o lla kajeno, o tla be o ntatotse hararo.”+ 62 Yaba o tswela ka ntle o lla ha bohloko.

  • Johanne 18:25, 26
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 25 Ha Simone Petrose a ntse a orile mollo, ba re ho yena: “Na ha o e mong wa barutuwa ba hae?” A latola a re: “Ha ke yena.”+ 26 E mong wa makgoba a moprista ya phahameng, ya amanang le monna eo Petrose a ileng a mo kgaola tsebe+ a re: “Ke o bone serapeng o ena le yena.”

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Tswa
Kena
  • Sesotho (South Africa)
  • Romela
  • Ikgethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Tumellano ya ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela