-
Johanne 1:32-34Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
32 Johanne a paka a re: “Ke bone moya o theoha lehodimong o le jwalo ka leeba yaba o dula hodima hae.+ 33 Le nna ke ne ke sa mo tsebe empa Ya nthometseng ho kolobetsa ka metsi o ile a re ho nna: ‘Motho eo o bonang moya o theohela hodima hae ebe o a dula,+ ke yena ya kolobetsang ka moya o halalelang.’+ 34 Ke bone ha e etsahala ebile ke a paka hore enwa ke Mora wa Modimo.”+
-