-
Matheu 3:7-10Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
7 Ha Johanne a bona Bafarisi le Basaduse+ ba bangata ba tla hore ba kolobetswe, a re ho bona: “Madinyane a dinoha tsa marabe,+ ke mang ya le hlokomedisitseng hore le balehe bohale bo tlang?+ 8 Qalang pele ka hore le bontshe* hore le bakile. 9 Le se ke la ithetsa ka hore Abrahama ke ntate wa lona+ hobane Modimo a ka mo hlahisetsa bana le ka majwe ana. 10 Selepe se se se le metsong ya difate. Sefate se seng le se seng se sa beheng ditholwana tse ntle se tla rengwa mme se lahlelwe mollong.+
-