LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Matheu 12:9-14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Ha Jesu a tloha moo, a kena ntlong ya bona ya thapelo.* 10 Ho ne ho ena le monna ya omeletseng* letsoho moo.+ Ka ha Bafarisi ba ne ba batla ho qosa Jesu, ba re ho yena: “Na molao o dumella motho ho fodisa ka Sabatha?”+ 11 A re ho bona: “Haeba e mong wa lona a ena le nku e le nngwe ebe e wela ka sekoting ka Sabatha, na a ka e tlohela ebe ha a e ntshe?+ 12 Motho yena o bohlokwa haholo ho feta nku. Ka hoo, molao o dumella motho ho etsa ntho e ntle ka Sabatha.” 13 Jwale a re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla, la fola yaba le tshwana le le leng. 14 Empa Bafarisi ba tswa mme ba rera ho bolaya Jesu.

  • Mareka 3:1-6
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Jesu a boela a kena ka tlung ya thapelo,* a fumana ho ena le monna ya omeletseng* letsoho.+ 2 Ka hoo, Bafarisi ba ne ba mo shebile ka hloko ho bona hore na o tla fodisa monna eo ka Sabatha e le hore ba mo qose. 3 A re ho monna eo ya omeletseng* letsoho: “Phahama o eme bohareng mona.” 4 Yaba o re ho bona: “Na molao o dumella motho ho etsa ketso e ntle kapa e mpe ka Sabatha, ho pholosa kapa ho bolaya?”+ Ba thola. 5 A ba ya ka mahlo a halefile a bile a utlwisitswe bohloko ke hore ba dipelo di thata.+ A re ho monna eo: “Otlolla letsoho la hao.” A le otlolla mme la fola. 6 Yaba Bafarisi ba a tswa mme hanghang ba rera le balatedi ba Heroda+ hore na ba ka mo bolaya jwang.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share