-
Mareka 6:47-51Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
47 Mantsiboya sekepe se ne se le bohareng ba lewatle empa o ne a le mong lebopong.+ 48 O ile a bona hore ba soka ka thata hobane moya o ne o le matla haholo. A tla ho bona hoo e ka bang ka meso,* a tsamaya hodima lewatle empa a etsa eka o a* ba feta. 49 Ha barutuwa ba mo bona a tsamaya hodima lewatle, ba hweletsa ba re: “Keng ntho e tlang le moo?”* 50 Kaofela ba ile ba mo bona yaba ba a tshoha. Hanghang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 51 A kena ka sekepeng mme moya wa kokobela. Yaba ba makala haholo
-