-
Matheu 14:24-33Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Ka nako ena, sekepe se ne se le hole le lebopo ka dimithara tse makgolokgolo,* barutuwa ba sokodiswa ke maqhubu hobane moya o ne o le matla haholo. 25 Empa ka meso* a tla ho bona a tsamaya hodima lewatle. 26 Ha barutuwa ba mo bona a tsamaya hodima lewatle ba hweletsa ba tshohile ba re: “Keng ntho e tlang le moo?”* 27 Hanghang Jesu a re ho bona: “Le se ke la tshoha, ke nna.”+ 28 Petrose a re ho yena: “Morena, haeba ke wena, ere ke tle ho wena ke tsamaya hodima metsi.” 29 Jesu a re: “Tloo!” Yaba Petrose o theoha sekepe o ya ho Jesu a tsamaya hodima metsi. 30 Empa ha a bona sefefo, a tshoha yaba o a teba. A hweletsa a re: “Morena, mpholose!” 31 Kapelepele Jesu a otlolla letsoho a mo tshwara mme a re ho yena: “Tumelo ya hao e fokola hakaakang! Ke hobaneng ha o ile wa belaela?”+ 32 Ka mora hore ba kene ka sekepeng, sefefo sa kokobela. 33 Jwale ba ka sekepeng ba mo kgumamela* ba re: “Ka nnete o Mora Modimo.”
-