LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 53:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ka lebaka leo, ke tla mo fa kabelo hara ba bangata,

      O tla arolelana le ba matla thepa e hapuweng

      Ka ha o fane ka bophelo ba hae*+

      Mme a balellwa hara ba tlolang molao.+

      O jere dibe tsa batho ba bangata+

      Mme a kena dipakeng bakeng sa ba tlolang molao.+

  • Bafilipi 2:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Ho feta moo, ha a tla e le motho,* o ile a ikokobetsa mme a mamela ho fihlela a shwa,+ a shwela palong.*+

  • Baheberu 2:9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 9 Empa re bona Jesu, ya neng a entswe ya tlasana ho mangeloi+ empa a putswa ka kganya le tlhompho hobane o ile a shwa.+ Ka lebaka la mosa* wa Modimo, o ile a shwela motho e mong le e mong.+

  • Baheberu 12:2
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Re shebe ka hloko Moetapele e Moholo wa tumelo ya rona e leng Jesu+ Kreste, ya re thusang ho ba le tumelo e phethahetseng. O ile a mamella ha a ne a bolaelwa palong* ebile ha a ka a swabela ho tlotlollwa hobane o ne a tseba hore o tla thaba ka moso. Hona jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share