LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Esaia 26:19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 19 Modimo o re: “Bafu ba hao ba tla phela.

      Ditopo* tsa ka di tla tsoha.+

      Tsohang mme le hweletse le thabile,

      Lona ba ahileng leroleng.+

      Phoka ya lona e tshwana le phoka ya hoseng*

      Mme lefatshe le tla etsa hore bafu ba phele.*

  • Johanne 5:28, 29
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Le se ke la makala hobane ho na le nako eo bohle ba mabitleng* ba tla utlwa lentswe la hae+ 29 ebe ba a tswa. Ba entseng dintho tse lokileng ba tla tsohela bophelo, ba neng ba tlwaetse ho etsa dintho tse fosahetseng ba tsohele kahlolo.*+

  • Diketso 24:15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 15 Ke na le tshepo eo batho bana le bona ba nang le yona ya hore Modimo o tla tsosa+ batho ba lokileng le ba sa lokang bafung.+

  • Baheberu 11:35
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 35 Basadi ba ile ba amohela ba malapa a bona ba neng ba tsositswe bafung.+ Banna ba bang ba tshepahalang bona ba ile ba hlokofatswa empa ha ba a ka ba kgaotsa ho tshepahalla Modimo hobane feela ba shebile ho lokollwa. Ba ile ba mamella e le hore ba tle ba tsoswe bafung ka tsela e molemo ho feta eo ba bang ba tsositsweng ka yona.

  • Tshenolo 20:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ka bona bafu ba baholo le ba banyenyane ba eme ka pela terone mme meqolo ya bulwa. Empa ho ile ha bulwa moqolo o mong, moqolo wa bophelo.+ Bafu ba ile ba ahlolwa ka dintho tse ngotsweng meqolong eo ho ya ka diketso tsa bona.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share