-
Johanne 9:1-3Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
9 Ha Jesu a ntse a tsamaya, a bona monna ya hlahileng a sa bone. 2 Barutuwa ba re ho Jesu: “Rabi,+ ha e le moo monna eo a hlahile a sa bone, ke mang ya entseng sebe? Na ke yena kapa ke batswadi ba hae?” 3 Jesu a re: “Ha se yena kapa batswadi ba hae ba entseng sebe empa e ne e le hore ka yena batho ba ka bona mesebetsi ya Modimo.+
-