17 Jesu a re: “O se ke wa mmamarela hobane ha ke eso ye ho Ntate. Eya ho bana beso*+ o re ho bona: ‘Ke ya ho Ntate+ wa ka le Modimo wa ka+ e leng Ntate wa lona le Modimo wa lona.’”
28 Ha Modimo a se a behile dintho tsohle tlasa taolo ya Mora, Mora le yena o tla ipeha tlasa taolo ya Modimo e leng yena ya behileng dintho tsohle tlasa taolo ya Mora.+ Ka tsela eo, Modimo o tla busa batho bohle.+
5 Dulang le nahana ka tsela e tshwanang le eo Kreste Jesu a neng a nahana ka yona.+6 Le hoja a ne a tshwana le Modimo,+ le hanyane feela ha a ka a nahana ka hore a leke ho lekana le Modimo.+