7 Ho thata hore mang kapa mang a shwele motho ya lokileng empa mohlomong motho a ka batla ho shwela motho ya molemo. 8 Empa Modimo o bontshitse hore o a re rata ka hore ebe Kreste o ile a re shwela re ntse re le baetsadibe.+
5Le etsise Modimo+ hobane le bana ba hae bao a ba ratang. 2 Le nne le ratane+ feela jwalo ka ha Kreste le yena a ile a re* rata.+ O ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona* e le nyehelo le sehlabelo se nkgang ha monate ho Modimo.+
16 Re a tseba hore na lerato keng hobane Jesu o ile a tela bophelo ba hae bakeng sa rona,+ le rona re tlameha ho tela bophelo ba rona molemong wa bana ba bo rona.+