-
Johanne 11:49-51Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
49 Hara bona ho ne ho ena le monna ya bitswang Kaifase+ eo e neng e le moprista ya phahameng selemong seo. A re ho bona: “Lona ha ho na ntho eo le e tsebang. 50 Ha le bone hore ho molemong wa lona hore motho a le mong a shwele setjhaba ho ena le hore setjhaba kaofela se fediswe?” 51 Ha a tjho jwalo o ne a sa iqapele. Ka ha e ne e le moprista ya phahameng selemong seo, o ne a profeta hore Jesu o tshwanetse ho shwela setjhaba.
-