-
1 Bakorinthe 1:26, 27Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
26 Bana beso, le lona le a bona hore hara batho bao Modimo a ba bitsitseng, ha se ba bangata bao batho ba ba nkang ba le bohlale,+ ha se ba bangata ba leng matla kapa ba tswang malapeng a hlomphehang.+ 27 Modimo o kgethile bao lefatshe le nkang ba se na thuso e le hore a ka swabisa ba bohlale. Hape o kgethile bao lefatshe le nkang ba fokola e le hore a ka swabisa ba matla.+
-