LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Diketso 4:29, 30
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 29 Jehova,* re kopa o bone ka moo ba re tshosang ka teng mme o thuse makgoba a hao hore a nne a bolele lentswe la hao ka sebete sohle. 30 Re kopa o sebedise matla a hao ho fodisa batho ba kulang le hore mehlolo e etsahale+ ka lebitso la mohlanka wa hao ya halalelang Jesu.”+

  • Diketso 6:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Setefane ke monna eo Modimo a neng a mo rata haholo a bile a mo file matla a maholo. O ne a etsa mehlolo e meholo hara batho.

  • Diketso 14:3
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 3 Ba qeta nako e telele ba bua ka sebete hobane Jehova* a ba file matla. O ile a ba sebedisa ho etsa mehlolo e le ho paka hore molaetsa oo ba o hasang ke nnete e leng molaetsa o mabapi le mosa* wa hae.+

  • Diketso 15:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ha batho bohle ba utlwa ditaba tsena ba thola. Jwale ba mamela Barnabase le Pauluse ha ba ba phetela ka mehlolo e mengata eo Modimo a ileng a ba sebedisa hore ba e etse hara batho ba ditjhaba.

  • Baroma 15:18, 19
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 18 Nke ke ka re letho ka dintho tseo ke di entseng. Ke tla bua feela ka tseo Kreste a ileng a ntshebedisa ho di bua le ho di etsa e le hore ditjhaba di mo mamele. 19 Di ile tsa mamela ka lebaka la mehlolo le dimakatso+ tse entsweng ka matla a moya o halalelang. Ka lebaka leo, ke boletse ka botlalo ditaba tse monate tse mabapi le Kreste ho tloha Jerusalema ho ya fihla Ilirikame.+

  • 2 Bakorinthe 12:12
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Le iponetse bopaki ba hore ke moapostola hobane ke ne ke ena le mamello,+ ke entse mehlolo, dimakatso le dintho tse sa tlwaelehang.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share