LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Luka 4:8
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Jesu a re ho yena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Modimo wa hao eo o lokelang ho mo rapela ebile ke yena feela eo o lokelang ho mo sebeletsa.’”+

  • Diketso 14:12-15
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 Ba bitsa Barnabase Zeuse, Pauluse ba mo bitsa Hermese ka ha ke yena ya neng a di hula pele ka ho bua. 13 Moprista wa Zeuse eo tempele ya hae e neng e le haufi le keiti ya motse, a tlisa dipoho le dikorone keiting mme a batla ho etsa mahlabelo a ena le batho bao.

      14 Ha moapostola Pauluse le moapostola Barnabase ba utlwa taba ena, ba tabola diaparo tsa bona, ba mathela bathong yaba ba a hweletsa ba re: 15 “Ke hobaneng ha le etsa tjee? Le rona re batho feela ba nang le mefokolo e tshwanang le ya lona.+ Re le bolella ditaba tse monate tse tswang ho Modimo e le hore le tlohele dintho tsena tse se nang thuso le tle ho Modimo ya phelang, ya entseng lehodimo, lefatshe, lewatle le dintho tsohle tse ho tsona.+

  • Tshenolo 19:10
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 10 Ka kgumama maotong a lona e le hore ke le rapele empa la re: “Butle, o se ke wa etsa jwalo.+ Rapela Modimo.+ Ke mpa feela ke le mohlanka wa Modimo jwalo ka wena le bana beno ba fuweng mosebetsi wa ho bolela nnete ka Jesu.+ Morero wa boprofeta ke ho bolela nnete ka Jesu.”+

  • Tshenolo 22:8, 9
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 8 Nna Johanne ke utlwile dintho tsena ebile ke di bone. Ka mora hore ke di utlwe le ho di bona, ka kgumama maotong a lengeloi le neng le mpontsha tsona e le hore ke le rapele. 9 Empa la re ho nna: “Butle, o se ke wa etsa jwalo. Ke mpa feela ke le mohlanka wa Modimo jwalo ka wena le bana beno ba baprofeta le ba mamelang mantswe a moqolo ona. Rapela Modimo.”+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share