-
1 Johanne 2:18, 19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
18 Bana ba ka, re se re le horeng ya ho qetela. Le utlwile hore mohanyetsi wa Kreste o a tla,+ le hona jwale ho se ho ena le bahanyetsi ba Kreste ba bangata+ e leng ntho e pakang hore re se re le horeng ya ho qetela. 19 Ba ile ba ikarola ho rona hobane e se karolo ya rona.+ Hoja e ne e le karolo ya rona, ba ka be ba dutse le rona. Empa ba ile ba ikarola ho rona e le hore ho bonahale hore ha se bohle bao e leng karolo ya rona.+
-