-
Genese 3:17-19Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
17 Modimo a re ho Adama:* “Ka ha o mametse mosadi wa hao mme o jele tholwana ya sefate seo ke ileng ka o laela ka re:+ ‘O se ke wa ja ditholwana tsa sona,’ lefatshe le rohakilwe ka lebaka la hao.+ O tla sebetsa ka thata* bophelo bohle ba hao hore o fumane dijo.+ 18 Lefatshe le tla o medisetsa meutlwa le dihlabahlabane mme o tla ja dimela tsa lona. 19 O tla ja dijo* ka mofufutso wa phatla ya hao* ho fihlela o kgutlela mobung ka ha o entswe ka wona.+ O lerole mme o tla kgutlela leroleng.”+
-