-
Diketso 18:24, 25Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
24 Mojuda ya bitswang Apolose+ eo e neng e le letswallwa la Alexandria a fihla Efese. E ne e le kgeleke a bile a rutehile haholo Mangolong. 25 Monna enwa o ne a rutilwe ka ditsela tsa Jehova.* O ne a tjheseha ka lebaka la moya o halalelang mme a ruta dintho tse nepahetseng ha a bua ka Jesu empa o ne a tseba kolobetso ya Johanne feela.
-