24 Ntate, ke lakatsa hore bao o mphileng bona ba tle ba be le nna+ e le hore ba ka bona boemo bo phahameng boo o mphileng bona hobane o nthatile le pele lefatshe le eba teng.+
23 Ha ke tsebe hore na ke kgethe efe pakeng tsa dintho tsena tse pedi hobane ke lakatsa ho lokoloha ke yo ba le Kreste+ e leng ntho e molemo ka ho fetisisa.+
6 Ba tla tsoswa tsohong ya pele ba a halalela ebile ba tla thaba.+ Ba ke ke ba shwa+ lefu la bobedi*+ empa e tla ba baprista+ ba Modimo le ba Kreste mme ba tla busa le yena e le marena ka dilemo tseo tse 1 000.+