-
2 Timothea 2:16-18Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
-
-
16 O hane ho mamela dipuo tse se nang thuso tse hanyetsang Modimo+ hobane dipuo tse jwalo di etsa hore boitshwaro bo sa kgahliseng Modimo bo eketsehe le ho feta. 17 Dipuo tsa bona di tla ata jwalo ka seso se kotsi. Himenea le Filetase ke ba bang ba batho ba buang dipuo tse jwalo.+ 18 Banna bana ba lahlile dithuto tsa nnete hobane ba re tsoho ya bafu e se e etsahetse+ mme ka ho tjho jwalo, ba etsa hore batho ba bang ba fellwe ke tumelo.
-