LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • 1 Timothea 3:2-7
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 2 Molebedi o lokela ho phela ka tsela eo ho seng motho ya ka mo tshwayang phoso, a be le mosadi a le mong, a be le tekatekano dinthong tsohle tseo a di etsang, a be le kelello,+ a hlophisehe, a amohele baeti+ a be a kgone ho ruta.+ 3 E se ke ya eba letahwa,+ a se ke a rata ntwa, a se ke a ba manganga,+ a se ke a rata ho pheha kgang+ hape a se ke a rata tjhelete.+ 4 E be motho ya laolang lelapa la hae hantle, ya nang le bana ba mamelang le ba itshwereng hantle.+ 5 Etswe motho a ka hlokomela phutheho ya Modimo jwang empa a sitwa ho laola lelapa la hae? 6 E se ke ya eba motho eo e sa tswa ba Mokreste+ esere a ikgohomosa yaba o fumana kahlolo e tshwanang le ya Diabolose. 7 Hape e lokela ho ba motho ya buuwang hantle ke batho bao e seng badumedi+ e le hore a se ke a tlotlolleha le ho wela lerabeng la Diabolose.

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share