LAEBRARI E INTHANETENG
LAEBRARI E INTHANETENG YA
Watchtower
Sesotho (South Africa)
  • BIBELE
  • DINGOLWA
  • MEETINGS
  • Johanne 1:12, 13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 12 O ile a dumella bohle ba mo amohetseng hore e be bana ba Modimo+ hobane ba ne ba bontsha hore ba na le tumelo lebitsong la hae.+ 13 Ha ba a ka ba tswalwa e le batho ba nama le madi kapa ka lebaka la thato ya motho empa ba tswetswe ke Modimo.+

  • Baroma 8:28
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 28 Re a tseba hore Modimo o etsa hore mesebetsi yohle ya hae e hlophisehe molemong wa ba mo ratang, ba kgethilweng ho ya ka thato ya hae.+

  • Baefese 1:13, 14
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Le ile la dumela ho yena ka mora hore le utlwe lentswe la nnete e leng ditaba tse monate tse buang ka hore le tla pholoswa. Ka mora hore le dumele, Modimo o ile a sebedisa Kreste ho le tshwaya+ ka moya o halalelang oo a neng a o tshepisitse. 14 Moya oo ke pontsho* ya hore re tla fumana lefa leo re le tshepisitsweng.+ Modimo o ile a re tshwaya e le hore a ka fana ka tefo e hlokahalang hore batho ba hae+ ba lokollwe+ e leng ntho e tla etsa hore a roriswe haholo.

  • 2 Bathesalonika 2:13
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 13 Le ha ho le jwalo, re tlamehile ho dula re leboha Modimo ka lebaka la lona, bana ba bo rona ba ratwang ke Jehova* hobane ho tloha qalong Modimo o ile a le kgethela hore le pholoswe.+ O entse jwalo ka hore a le halaletse+ ka moya wa hae hobane le dumela nnete.

  • 1 Petrose 1:23
    Bibele—Phetolelo ya Lefatshe le Letjha
    • 23 Le tswetswe botjha+ ka lentswe la Modimo ya phelang, ya dulang a le teng+ eseng ka peo e senyehang.+

Dingolwa Tsa Watch Tower Tsa Sesotho South Africa (2000-2025)
Log Out
Log In
  • Sesotho (South Africa)
  • Share
  • Preferences
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Melao ya Tshebediso
  • Privacy Policy
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Log In
Share