Genese
23 Sara o ne a le dilemo di 127 ha a shwa.+ 2 Sara a shwella Kiriathe-arba+ e boetseng e tsejwa e le Hebrone,+ naheng ya Kanana.+ Abrahama a utlwa bohloko haholo a ba a mo llela. 3 Abrahama a tloha ka pela mofu wa hae yaba o bua le bara ba Hethe+ o re: 4 “Ke moditjhaba mme ke dula le lona.+ Mpheng sebaka sa lepato dibakeng tsa lona e le hore ke pate mofu wa ka.” 5 Bara ba Hethe ba re ho Abrahama: 6 “Re mamele morenaka. Re a hlokomela hore o kgosana* e kgethilweng ke Modimo.+ O ka pata mofu wa hao dibakeng tsa rona tsa lepato. Ha re na o hanela ho pata mofu wa hao ho tsona.”
7 Abrahama a ema yaba o inama ka pela baahi ba naha eo e leng bara ba Hethe+ 8 mme a re ho bona: “Haeba le ntumella hore ke pate mofu wa ka, mmameleng mme le kope Efrone mora wa Zohare 9 hore a nthekisetse lehaha le qetellong ya tshimo ya hae e Makpela. Le be teng ha a nthekisetsa lona e le hore nka ba le sebaka sa lepato.+ Ke tla lefa silevera+ yohle e hlokahalang ho le reka.”
10 Efrone wa Mohethe o ne a dutse le bara ba Hethe. Yaba o araba Abrahama moo bara ba Hethe ba ntseng ba utlwa le ka pela batho bohle ba kenang keiting ya motse,+ o re: 11 “Tjhe, morenaka! Mmamele. Ke o fa tshimo le lehaha le ho yona ka pela bara ba setjhaba sa heso. Pata mofu wa hao moo.” 12 Abrahama a inama ka pela batho ba naha eo 13 mme a bua le Efrone moo batho ba ntseng ba utlwa, a re: “Ke kopa o mmamele. Ke tla o fa silevera e feletseng bakeng sa tshimo. Nka silevera ena e le hore nka pata mofu wa ka moo.”
14 Efrone a araba Abrahama a re: 15 “Mmamele morenaka. Tshimo ena ke dikotwana* tse 400 tsa silevera empa eo ha se yona ntho ya bohlokwa. Pata mofu wa hao.” 16 Abrahama a mamela Efrone yaba o bekgela Efrone silevera eo a buileng ka yona ka pela bara ba Hethe, e leng dikotwana* tsa silevera tse 400 ho ya ka tekanyo e amohelwang ke borakgwebo.+ 17 Tshimo ya Efrone e Makpela, e neng e le ka pela Mamre le lehaha le ho yona le difate tsohle tse neng di le ka hara meedi ya tshimo, tsa fuwa 18 Abrahama e le dintho tseo a di rekileng ka pela bara ba Hethe le ka pela bohle ba kenang keiting ya motse. 19 Ka mora moo, Abrahama a pata mosadi wa hae Sara lehaheng la tshimo e Makpela ka pela Mamre e Hebrone, naheng ya Kanana. 20 Bara ba Hethe ba fa Abrahama tshimo le lehaha hore e be sebaka sa lepato.+