Jobo
6 Jobo a re:
3 Di boima ho feta lehlabathe la lewatle.
Ke ka lebaka leo mantswe a ka e bileng puo e hlaha.*+
4 Metsu ya Ya Matla Ohle e ntlhabile,
Mmele wa ka o nwa tjhefo ya yona,+
Modimo o ntlhasela ka dintho tse ngata tse ntshosang.
6 Na dijo tse se nang tatso di ka jewa di se na letswai,
Kapa na ho a thabisa ho ja ntho e se nang tatso?
7 Ke hanne ho tshwara dintho tse tshwanang le tsena.
Di tshwana le dijo tse senyehileng.
8 E se eka kopo ya ka e ka mamelwa
Mme Modimo a mpha seo ke se kopang.
10 Ho etsa jwalo ho ne ho tla ntshedisa,
Ke ne ke tla tlola ke thabo ho sa tsotellehe bohloko boo ke bo utlwang,
Ka ha ha ke a hana mantswe a Ya Halalelang.+
11 Na ke na le matla a ho mamella?+
Mme ke emetswe keng e le hore ke nne ke tswele pele ke phela?*
12 Na ke thata jwalo ka lefika?
Na letlalo la ka le entswe ka koporo?
13 Ke tla thuswa ke mang
Ha bohle ba ka nthusang ba le siyo?
15 Metswalle* ya ka e bile bolotsana+ jwalo ka nokana ya mariha,
Jwalo ka metsi a dinokana tsa mariha a pshang.
16 Di fifaditswe ke leqhwa,
Lehlwa le ipatile ho tsona.
17 Empa ha nako e ntse e ya di fellwa ke metsi,
Ha ho tjhesa di a psha.
18 Ditsela tsa tsona di a fapoha,
Di theohela lehwatateng ebe di a nyamela.
19 Dihlopha tsa borakgwebo ba Tema+ di batlana le tsona,
Dihlopha tsa batho ba tsamayang ba tswang Sheba*+ di a di emela.
20 Ba hlajwa ke dihlong ka lebaka la ho tshepa ntho e siyo,
Ha ba fihla moo ba a swetseha.
22 Na ho na le ntho eo ke ileng ka le kopa yona,
Kapa na ke ile ka re le mphe mpho ho tswa maruong a lona?
24 Mpolelleng hore na ke entseng mme ke tla le mamela ke kgutsitse,+
Nthuseng ho utlwisisa phoso ya ka.
26 Na le rera ho nkgalemella mantswe ao ke qetang ho a bua,
Mantswe a monna ya utlwileng bohloko,+ a fefolwang ke moya?
28 Jwale ntjhebeng,
Hobane nke ke ka le bolella leshano.
29 Ke kopa le nahanisise taba ena hantle, le se ke la nkahlolela ntho e siyo,
Ke kopa le nahane hantle hobane ha ke a etsa letho le phoso.
30 Na ke buile dintho tse fosahetseng?
Le nahana hore ha ke bone hore ho na le ntho e phoso?