Genese
17 Ha Abrame a le dilemo di 99, Jehova a hlaha ho yena a re: “Ke nna Modimo ya Matla Ohle. Tsamaya ditseleng tsa ka e le hore o hloke molato. 2 Ke tla etsa selekane le wena,+ ke be ke etse hore o be le ditloholo tse ngata.”+
3 Abrame a kgumama* mme Modimo a re ho yena: 4 “Ke entse selekane le wena+ mme o tla ba ntate wa ditjhaba tse ngata.+ 5 Ha o sa tla bitswa Abrame* empa o tla bitswa Abrahama* hobane ke tla o etsa ntate wa ditjhaba tse ngata. 6 Ke tla o atisa haholo mme ho wena ho tla tswa ditjhaba tse ngata le marena.+
7 Ke tla tshepahalla selekane seo ke se entseng le wena,+ bana* ba hao le meloko yohle ya bona. E tla ba selekane sa ka ho sa feleng sa hore ke tla ba Modimo wa hao le wa bana* ba hao. 8 Ke tla fa wena le bana* ba hao naha eo o neng o dula ho yona o le moditjhaba,+ e leng naha yohle ya Kanana. E tla ba ya lona ka ho sa feleng mme ke tla ba Modimo wa bana* ba hao.”+
9 Modimo a re ho Abrahama: “Wena le bana* ba hao le meloko yohle ya bona le lokela ho tshepahalla selekane sa ka. 10 Sena ke selekane sa ka le lona, seo wena le bana* ba hao le tla se tshepahalla: Le bolotse motho e mong le e mong e motona.+ 11 Le lokela ho bolla. E tla ba letshwao la selekane seo ke se entseng le lona.+ 12 Melokong yohle ya hao, moshanyana e mong le e mong ya nang le matsatsi a robedi a hlahile o lokela ho bolla.+ Le moshanyana e mong le e mong ya hlahetseng ntlong ya hao le eo e seng ngwana* wa hao ha mmoho le monna ya rekilweng ka tjhelete ho moditjhaba o lokela ho bolla. 13 Banna bohle ba hlahetseng ntlong ya hao le banna bohle ba rekilweng ka tjhelete ya hao ba lokela ho bolla+ mme selekane sa ka sa lebollo* e tla ba sa ka ho sa feleng. 14 Haeba motho le ha e le ofe e motona a sa bolle, a bolawe hobane o tlotse selekane sa ka.”
15 Modimo a re ho Abrahama: “Lebitso la mosadi wa hao ha e sa tla ba Sarai,*+ e tla ba Sara.* 16 Ke tla mo hlohonolofatsa mme ke o fe mora ka yena.+ Ke tla mo hlohonolofatsa mme ho yena ho tla tswa ditjhaba tse ngata. Marena a ditjhaba a tla tswa ho yena.” 17 Abrahama a kgumama mme a tsheha a re ka pelong:+ “Na monna ya dilemo di 100 le Sara mosadi ya dilemo di 90 ba ka ba le ngwana?”+
18 Abrahama a re ho Modimo wa nnete: “E se eka o ka hlohonolofatsa Ishmaele!”+ 19 Modimo a re: “Ka nnete mosadi wa hao Sara o tla ba le mora mme o mo rehe Isaka.*+ Ke tla etsa selekane sa ka ho sa feleng le yena mme se tla sebetsa le ho bana* ba hae.+ 20 Ke utlwile seo o se kopileng ka Ishmaele. Ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise mme ke etse hore a be le ditloholo tse ngata. E tla ba ntate wa dikgosana tse 12 mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.+ 21 Le ha ho le jwalo, ke tla etsa selekane sa ka le Isaka,+ eo Sara a tla ba le yena selemong se tlang ka nako ena.”+
22 Modimo a tloha ha a qeta ho bua le Abrahama. 23 Letsatsing lona leo Abrahama a bolotsa mora wa hae Ishmaele, banna bohle ba hlahetseng ntlong ya hae le bohle bao a neng a ba rekile ka tjhelete, e leng banna bohle* ba ntlo ya Abrahama. O ile a etsa seo Modimo a mo boleletseng sona.+ 24 Abrahama o ne a le dilemo di 99 ha a bolla.+ 25 Mora wa hae Ishmaele o ne a le dilemo di 13 ha a bolla.+ 26 Letsatsing leo Abrahama a bolla le mora wa hae Ishmaele. 27 A bolla le banna bohle ba ntlo ya hae, e leng bohle ba hlahetseng ntlong ya hae le ba rekilweng ka tjhelete ho baditjhaba.