Kosepele ya Matheu
21 Ha ba le haufi le Jerusalema, ba fihla Bethefage Thabeng ya Mehlwaare, jwale Jesu a roma barutuwa ba babedi+ 2 a re ho bona: “Tsamayang le kene motsaneng wane o ka pela lona. Ha le fihla le tla fumana tonki e tlanngweng e ena le petsana ya yona. Le di tlamolle mme le di tlise kwano. 3 Ya tla le botsa le mo jwetse hore Morena o a di hloka. Hanghang o tla le tlohela hore le tsamaye le tsona.”
4 Tsena tsohle di etsahetse hore ho phethahale mantswe a ileng a buuwa ke moprofeta a reng: 5 “Ereng ho moradi wa Sione: ‘Morena wa hao o tla ho wena+ a ikokobeditse+ a palame petsana ya tonki.’”+
6 Ka hoo, barutuwa ba tsamaya mme ba etsa feela jwalo ka ha Jesu a ne a ba laetse.+ 7 Ba tlisa tonki le petsana ya yona, ba beha diaparo tsa bona hodima tsona yaba o palama petsana.+ 8 Boholo ba batho ba ala diaparo tsa bona ka tseleng,+ ba bang bona ba poma makala difateng ba a ala ka tseleng. 9 Hape batho ba mo eteletseng pele le ba mo setseng morao ba nna ba hweletsa ba re: “Re rapella hore o pholose Mora wa Davida!+ Ho hlohonolofetse ya tlang ka lebitso la Jehova.*+ Re a rapela, mo pholose wena ya hodimo!”+
10 Jwale ha a fihla Jerusalema, batho bohle ba motseng ba etsa moferefere o moholo ba re: “Ke mang enwa?” 11 Batho ba neng ba ena le yena ba nna ba re: “Ke Jesu, moprofeta+ ya tswang Nazaretha e seterekeng sa Galilea.”
12 Jesu a kena ka tempeleng, a tebela bohle ba rekisang le ba rekang ka tempeleng. A phethola le ditafole tsa ba tjhentjhang tjhelete* le dibentjhe tsa ba rekisang maeba.+ 13 A re ho bona: “Mangolo a re: ‘Ntlo ya ka e tla bitswa ntlo ya thapelo’+ empa lona le e etsa lehaha la mashodu.”+ 14 Hape, batho ba sa boneng le ba qhwadileng ba tla ho yena ka tempeleng mme a ba phekola.
15 Baprista ba baholo le bangodi ba halefa+ ha ba bona dintho tse makatsang tseo a di entseng le ha ba utlwa bashanyana ba neng ba hweletsa ka tempeleng ba re: “Re rapella hore o pholose Mora wa Davida!”+ 16 Ba re ho yena: “Na o a utlwa hore na bana baa ba reng?” Jesu a re ho bona: “E. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O etsa hore masea le bana ba banyenyane ba o rorise’?”+ 17 A tloha motseng oo a ya Bethani mme a qeta bosiu moo.+
18 Hoseng ha letsatsi le hlahlamang ha a kgutlela Jerusalema, a utlwa a lapile.+ 19 A bona sefate sa feie* ka thoko ho tsela yaba o ya ho sona empa a fumana se sa beha, e le makgasi feela+ yaba o re ho sona: “O se ke wa hlola o beha ditholwana le ka mohla.”+ Sefate seo sa omella hanghang. 20 Taba ena ya makatsa barutuwa yaba ba re: “Ho tla jwang hore ebe sefate sa feie se ile sa omella hanghang?”+ 21 Jesu a ba araba a re: “Ka nnete ke re ho lona, haeba feela le ena le tumelo mme le sa belaele, le tla etsa seo ke se entseng ka sefate sa feie. Hape haeba le re ho thaba ena: ‘Phahama o yo wela ka lewatleng,’ ho tla etsahala.+ 22 Le tla fumana dintho tsohle tseo le di rapellang haeba le ena le tumelo.”+
23 Ka mora hore a kene ka tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena ha a ntse a ruta mme ba re: “Dintho tsee o di etsa ka matla afe? Hona ke mang ya o fileng ona?”+ 24 Jesu a re ho bona: “Ke tla le botsa potso e le nngwe. Haeba le ka nkaraba le nna ke tla le bolella hore na ke etsa dintho tsena ka matla afe. 25 Ke mang ya fileng Johanne matla a ho kolobetsa? Ke Modimo* kapa ke batho?” Yaba ba a buisana ba re: “Haeba re re: ‘Ke Modimo,’ o tla re ho rona: ‘Jwale, ke hobaneng ha le sa ka la dumela ho yena?’+ 26 Empa haeba re re: ‘O a filwe ke batho,’ letshwele lee le tla re etsang hobane kaofela le nka Johanne e le moprofeta?” 27 Ka hoo, ba araba Jesu ba re: “Ha re tsebe.” Le yena a re ho bona: “Le nna nke ke ka le bolella hore na ke nka matla a ho etsa dintho tsena hokae.
28 Le ka reng ka taba ee? Monna e mong o ne a ena le bana ba babedi. A re ho wa pele: ‘Ngwanaka, tsamaya o yo sebetsa tshimong ya morara kajeno.’ 29 A araba a re: ‘Ha ke batle.’ Empa ha morao a swaba yaba o a ya. 30 A ya ho wa bobedi, a bua ntho e tshwanang. Eo a re: ‘Ke tla ya Ntate.’* Empa a se ke a ya. 31 Ke ofe ho ba babedi baa ya ileng a etsa thato ya ntate wa hae?” Ba re: “Wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ka nnete ke re ho lona, babokelli ba lekgetho le dihlola ba tla kena pele ho lona Mmusong wa Modimo. 32 Hobane Johanne o ile a tla ho tla le bontsha tsela e lokileng yaba ha le dumele ho yena. Babokelli ba lekgetho le dihlola ba ile ba dumela ho yena+ empa le ka mora moo, ha le a ka la ikutlwa le swabile yaba le dumela ho yena.
33 Papiso e nngwe ke ena: Motho e mong o ne a ena le tshimo ya morara.+ O ile a e lema, a e kampela yaba o etsa sebaka seo a ka tlhotlelang morara ho sona, a haha le tora.+ A hirisetsa balemi tshimo eo yaba o etela hole.+ 34 Ha nako ya ho kotula morara e fihla, a roma makgoba a hae ho balemi ho ya lata morara. 35 Balemi bao ba tshwara makgoba a hae. Ba kgakgatha le leng, ba bolaya le leng mme ba tlepetsa le leng ka majwe.+ 36 A boela a roma makgoba a mang, a mangata ho feta a pele empa le ona ba a etsa jwalo.+ 37 A qetella a romme mora wa hae ho bona, a nahana hore ba tla hlompha mora wa hae. 38 Ha balemi ba bona mora ba buisana ba re: ‘Enwa ke yena mojalefa.+ A re mo bolayeng re tle re je lefa la hae.’ 39 Ka hoo, ba mo tshwara ba mo lahlela ka ntle ho tshimo eo yaba ba a mo bolaya.+ 40 Jwale ha monga tshimo a tla, o tla ba etsang balemi bao?” 41 Ba re ho yena: “Ka ha ba kgopo, o tla ba bolaya ebe o hirisetsa balemi ba bang tshimo eo ya morara, ba tla mo fa karolo ya hae ka nako ya kotulo.”
42 Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale moo Mangolo a reng: ‘Lejwe leo dihahi di le lahlileng le fetohile lejwe la sekgutlo la sehlooho.*+ Lejwe lena le tswa ho Jehova* mme le letle haholo ho rona’?+ 43 Ke ka lebaka lena ke reng ho lona, le tla tsekiswa Mmuso wa Modimo ebe o fuwa setjhaba se hlahisang ditholwana tse lebeletsweng. 44 Hape, motho ya welang hodima lejwe lena o tla hlaha kotsi e mpe.+ Eo le tla mo wela hodimo yena le tla mo silakanya.”+
45 Ha baprista ba baholo le Bafarisi ba utlwile dipapiso tsa hae, ba tseba hore o ne a bua ka bona.+ 46 Ba ne ba batla ho mo tshwara empa ba tshaba letshwele hobane le ne le mo nka e le moprofeta.+